8. Oho Jehova, o tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng, mme o se ke wa balla setjhaba sa hao sa Iseraele madi a se nang molato. Mme ba tla leselwa molato wa madi ao.
9. Ke moo o tla tlosa madi a se nang molato haeno, ha o entse se lokileng pela Jehova.
10. Etlare ha o futuhela dira tsa hao, mme Jehova, Modimo wa hao, a di neela matsohong a hao, mme o kgutla o ena le bao o ba hapileng;
11. ha o bona hara ba hapilweng mosadi e motle, mme o mo rata, o mo nka hore e be mosadi wa hao;
12. o tla mo isa tlung ya hao; a beole hlooho ya hae, a pome dinala tsa hae;
13. a hlobole diaparo tsa hae tsa bohapuwa, mme a dule tlung ya hao, a llele ntatae le mmae ka kgwedi e le nngwe; o ntoo kena ho yena, o be monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.
14. Empa mohlomong, ha o se o sa kgahliswe ke yena, o tla mo lesela, a ye moo a ratang teng; o se ke wa reka tjhelete ka yena, leha e le ho mo etsa lekgoba, hobane o mo kokobeditse.
15. Ekare ha motho a ena le basadi ba babedi, e mong e le ya ratwang, e mong e le ya hloilweng, mme ya ratwang le ya sa ratweng ba mo tswaletse bana, mme mora wa letsibolo e le mora wa mosadi ya hloilweng;
16. mohla ntata bona a abelang bana ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a ke ke a bea mora wa ya ratilweng e moholo bakeng sa mora wa ya hloilweng, e leng yena letsibolo;
17. a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.
18. Etlare ha motho a ena le mora ya lonya, ya ikgantshang, ya hanang ho utlwa lentswe la ntatae le lentswe la mmae, mme leha ba ntse ba mo laya, a ntse a hana ho ba utlwa;
19. ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse wa habo, kgorong ya motse wa habo;
20. ba bolelle baholo ba motse wa habo, ba re: Mora enwa wa rona o lonya, o a ikgantsha; o hana ho utlwa lentswe la rona; ke mohlakafollela, hape ke letahwa.
21. Jwale batho bohle ba motse wa habo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe. Tlosa bobe haeno jwalo, hore Baiseraele bohle ba utlwe, mme ba tshabe.
22. Etlere ha motho a entse sebe se lokelwang ke lefu, mme a bolawa, wa mo fanyeha sefateng,
23. setopo sa hae se se ke sa sala sefateng bosiu bohle, o mpe o se epele ka lona letsatsi leo; hobane ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo, mme ha o na ho silafatsa lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua.