Deuteronoma 21:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Baprista, bara ba Levi, ba tla atamela; hobane ke bona ba kgethilweng ke Jehova, Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse le ho hlohonolofatsa ka lebitso la Jehova, le hore dinyewe tsohle le dikotsi tsohle di ahlolwe ke melomo ya bona.

6. Baholo bohle ba motse oo o leng haufi le motho ya bolailweng, ba tla hatlela matsoho hodima sethole seo se robilweng molala molapong.

7. Ba tla bolela, ba re: matsoho a rona ha a ka a tsholla madi ana, le mahlo a rona ha a ka a bona letho.

8. Oho Jehova, o tshwarele setjhaba sa hao sa Iseraele, seo o se lopolotseng, mme o se ke wa balla setjhaba sa hao sa Iseraele madi a se nang molato. Mme ba tla leselwa molato wa madi ao.

9. Ke moo o tla tlosa madi a se nang molato haeno, ha o entse se lokileng pela Jehova.

10. Etlare ha o futuhela dira tsa hao, mme Jehova, Modimo wa hao, a di neela matsohong a hao, mme o kgutla o ena le bao o ba hapileng;

11. ha o bona hara ba hapilweng mosadi e motle, mme o mo rata, o mo nka hore e be mosadi wa hao;

12. o tla mo isa tlung ya hao; a beole hlooho ya hae, a pome dinala tsa hae;

13. a hlobole diaparo tsa hae tsa bohapuwa, mme a dule tlung ya hao, a llele ntatae le mmae ka kgwedi e le nngwe; o ntoo kena ho yena, o be monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.

Deuteronoma 21