Deuteronoma 21:10-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Etlare ha o futuhela dira tsa hao, mme Jehova, Modimo wa hao, a di neela matsohong a hao, mme o kgutla o ena le bao o ba hapileng;

11. ha o bona hara ba hapilweng mosadi e motle, mme o mo rata, o mo nka hore e be mosadi wa hao;

12. o tla mo isa tlung ya hao; a beole hlooho ya hae, a pome dinala tsa hae;

13. a hlobole diaparo tsa hae tsa bohapuwa, mme a dule tlung ya hao, a llele ntatae le mmae ka kgwedi e le nngwe; o ntoo kena ho yena, o be monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.

14. Empa mohlomong, ha o se o sa kgahliswe ke yena, o tla mo lesela, a ye moo a ratang teng; o se ke wa reka tjhelete ka yena, leha e le ho mo etsa lekgoba, hobane o mo kokobeditse.

15. Ekare ha motho a ena le basadi ba babedi, e mong e le ya ratwang, e mong e le ya hloilweng, mme ya ratwang le ya sa ratweng ba mo tswaletse bana, mme mora wa letsibolo e le mora wa mosadi ya hloilweng;

16. mohla ntata bona a abelang bana ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a ke ke a bea mora wa ya ratilweng e moholo bakeng sa mora wa ya hloilweng, e leng yena letsibolo;

17. a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.

18. Etlare ha motho a ena le mora ya lonya, ya ikgantshang, ya hanang ho utlwa lentswe la ntatae le lentswe la mmae, mme leha ba ntse ba mo laya, a ntse a hana ho ba utlwa;

19. ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse wa habo, kgorong ya motse wa habo;

20. ba bolelle baholo ba motse wa habo, ba re: Mora enwa wa rona o lonya, o a ikgantsha; o hana ho utlwa lentswe la rona; ke mohlakafollela, hape ke letahwa.

21. Jwale batho bohle ba motse wa habo ba tla mo tlapunya ka majwe, a shwe. Tlosa bobe haeno jwalo, hore Baiseraele bohle ba utlwe, mme ba tshabe.

Deuteronoma 21