Deuteronoma 19:9-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. ha efela wena o boloka ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, o rata Jehova, Modimo wa hao, mme o tsamaya kamehla tseleng tsa hae, o tla eketsa metse eo e meraro ka metse e meng e meraro,

10. hore madi a se nang molato a se ke a tshollwa lefatsheng la hao, leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, mme molato wa madi o be siyo ho wena.

11. Empa ekare ha e mong a hloile wa habo, a mo lalla, a mo tsohela matla, mme a mmolaya a eshwa, mme a balehela ho o mong wa metse eo,

12. moo, baholo ba motse wa habo ba tla romela ho mo ntsha teng, ba mo neele matsohong a mophetetsi wa madi, a tle a shwe.

13. Mahlo a hao a se ke a mo qenehela, o mpe o tlose Iseraeleng madi a se nang molato, o tle o be le lehlohonolo.

14. O se ke wa suthisa mekolokotwane ya wa heno e beilweng ke baholo ba hao, lefeng leo o tla le rua naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona hore o e rue.

Deuteronoma 19