Deuteronoma 18:6-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ekare ha Molevi a etswa motseng o mong wa metse ya hao, nqalong tsohle tse Iseraeleng tseo a ahileng ho tsona, mme a etla ka takatso yohle ya moya wa hae nqalong eo Jehova a tla e kgetha;

7. o tla etsa tshebeletso ya teng ka lebitso la Jehova, Modimo wa hae, jwaloka banababo bohle ba Balevi ba emang teng pela Jehova,

8. a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.

9. Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.

10. Ho se ke ha fumanwa haeno motho ya fetisang mora wa hae, leha e le moradi wa hae mollong, leha e le mophofi ya phofang, kapa selaodi se laolang, kapa senohe, kapa moloi,

11. le moupelli, leha e le ya botsang badimo, le ngaka e reng e a porofeta, leha e le ya botsang bafu;

12. hobane bohle ba etsang ditaba tseo, ba manyala ho Jehova, mme ke ka baka la manyala ao Jehova, Modimo wa hao, a falatsang ditjhaba tseno pela hao.

13. O be wa Jehova, Modimo wa hao, ka botho ba hao bohle.

14. Hobane ditjhaba tseno o tla rua lefatshe la tsona, di mamela dilaodi le dinohe; empa haele wena, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a o dumella ho etsa tse jwalo.

15. Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlahisetsa moporofeta ya tswang haeno, hara banabeno ya jwaloka nna; le tla utlwa yena;

Deuteronoma 18