Deuteronoma 18:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlahisetsa moporofeta ya tswang haeno, hara banabeno ya jwaloka nna; le tla utlwa yena;

16. jwaloka ha o kile wa kopa ho Jehova, Modimo wa hao, Horebe, tsatsing la phutheho, wa re: Ke se ke ka boela ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa ka; mme ke se hlole ke bona mollo oo o moholo, ke tle ke se ke ka shwa:

17. mme Jehova a re ho nna: Seo ba se boletseng ba se buile hantle;

18. ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.

19. Etlare ha e mong a ka hana ho utlwa mantswe a ka ao a tla a bolela ka lebitso la ka, ke nna ke tla mmotsa hoo.

20. Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.

21. Ekare ha o re pelong ya hao: Na re tla kgetha jwang lentswe le sa kang la bolelwa ke Jehova?

22. ke re: Etlare moporofeta eo, ha a bolela taba ka lebitso la Jehova, mme taba e boletsweng ke yena e sa hlahe, e sa etsahale etlaba ke taba eo Jehova a sa kang a e bolela; moporofeta eo o e boletse ka boikgohomoso; se mo tshabe.

Deuteronoma 18