Deuteronoma 16:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.

19. O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.

20. O ye ka ho lokileng ruri, o tle o phele, mme o rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.

21. O se ke wa hloma diashera tsa sefate sefe le sefe pela aletare ya Jehova, Modimo wa hao, eo o tla iketsetsa yona.

22. Leha e le setshwantsho, o se ke wa iketsetsa sona, hobane Jehova, Modimo wa hao, o hloile ntho tseo.

Deuteronoma 16