Deuteronoma 14:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa le se ke la ja tse thuisang feela, leha e le tse ditlhako di arohaneng feela, jwaloka kamele, moutla, le pela; hobane di a thuisa, empa ha di na ditlhako tse arohaneng; tsena ke tse ditshila ho lona;

8. le yona kolobe, hobane leha tlhako tsa yona di arohane, ha e thuise; e be ditshila ho lona. Le se ke la ja nama ya tsona, mme le se ame ditopo tsa tsona.

9. Tseo le ka di jang ho tsohle tse metsing ke tsena: Le je tsohle tse nang le dipheonyana le makgakgapha.

10. Empa le se ke la ja tse se nang dipheonyana, leha e le makgakgapha; tsena e be tse ditshila ho lona.

11. Le ka ja dinonyana tsohle tse hlwekileng.

12. Empa tseo e ka kgonang le se ke la di ja, ke tsena: Ntsu, seodi, le seitlhwaeledi;

13. nkgodi, letlaka, le mohakajane, le mefuta ya tsona;

14. le makgwaba wohle ka mefuta ya wona;

15. le mpshe, kgohoyadira, letlakapipi, le phakwe ka mefuta ya yona;

16. sephooko, lehalanyane le lengangane;

17. moholodi, kokolofitwe, le seinodi,

18. mokotatsie le masianoke, ka mefuta ya tsona, le lehehemu, le mmankgane.

19. Le dikokwanyana tsohle tse rurang, e be tse ditshila ho lona; di se ke tsa jewa.

20. Jang dinonyana tsohle tse hlwekileng.

Deuteronoma 14