Deuteronoma 14:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. moholodi, kokolofitwe, le seinodi,

18. mokotatsie le masianoke, ka mefuta ya tsona, le lehehemu, le mmankgane.

19. Le dikokwanyana tsohle tse rurang, e be tse ditshila ho lona; di se ke tsa jewa.

20. Jang dinonyana tsohle tse hlwekileng.

21. Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao.O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.

22. O kgethisise karolo ya leshome ya dintho tsohle tse hlahiswang ke peo tsa hao, tse melang masimong a hao ka selemo se seng le se seng.

23. O je pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla ikgethela yona ho bea lebitso la hae teng, karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine e ntjha ya hao, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa hao, o tle o ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa hao, kamehla.

24. Empa etlare ha tsela e le telele haholo, mme o sitwa ho isa dintho tseo, kahobane mohlomong nqalo eo Jehova, Modimo wa hao, a tla ikgethela yona ho bea lebitso la hae teng, e tla ba hole le wena, mohla Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng,

25. o tla reka tjhelete ka dintho tsena; o tla fupara tjhelete tseo matsohong a hao, o ye nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;

26. mme o tla reka ka tjhelete tseo tsohle tseo pelo ya hao e ka di lakatsang, dikgomo, dinku, kapa veine, kapa seno se seng se matla, leha e le ntho tsohle tseo pelo ya hao e ka di lakatsang, o di je hona teng, pela Jehova, Modimo wa hao, mme o thabe, wena, le ba ntlo ya hao;

27. le Molevi ya menyakong ya hao, o se ke wa mo tlohela, hobane ha a na kabelo le lefa jwaloka wena.

28. Qetellong ya dilemo tse tharo, o ntshe karolo yohle ya leshome ya tseo o di kotutseng tsa selemo seo, mme o e bokelle menyakong ya hao.

29. Jwale Molevi ya se nang kabelo le lefa jwaloka wena, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba metseng ya hao, ba tla tla, mme ba je, ba kgore; Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao, eo o e etsang.

Deuteronoma 14