Deuteronoma 14:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. sephooko, lehalanyane le lengangane;

17. moholodi, kokolofitwe, le seinodi,

18. mokotatsie le masianoke, ka mefuta ya tsona, le lehehemu, le mmankgane.

19. Le dikokwanyana tsohle tse rurang, e be tse ditshila ho lona; di se ke tsa jewa.

20. Jang dinonyana tsohle tse hlwekileng.

21. Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao.O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.

22. O kgethisise karolo ya leshome ya dintho tsohle tse hlahiswang ke peo tsa hao, tse melang masimong a hao ka selemo se seng le se seng.

23. O je pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla ikgethela yona ho bea lebitso la hae teng, karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine e ntjha ya hao, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa hao, o tle o ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa hao, kamehla.

24. Empa etlare ha tsela e le telele haholo, mme o sitwa ho isa dintho tseo, kahobane mohlomong nqalo eo Jehova, Modimo wa hao, a tla ikgethela yona ho bea lebitso la hae teng, e tla ba hole le wena, mohla Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng,

25. o tla reka tjhelete ka dintho tsena; o tla fupara tjhelete tseo matsohong a hao, o ye nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha;

26. mme o tla reka ka tjhelete tseo tsohle tseo pelo ya hao e ka di lakatsang, dikgomo, dinku, kapa veine, kapa seno se seng se matla, leha e le ntho tsohle tseo pelo ya hao e ka di lakatsang, o di je hona teng, pela Jehova, Modimo wa hao, mme o thabe, wena, le ba ntlo ya hao;

27. le Molevi ya menyakong ya hao, o se ke wa mo tlohela, hobane ha a na kabelo le lefa jwaloka wena.

Deuteronoma 14