Deuteronoma 14:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Le bana ba Jehova, Modimo wa lona; le se ke la iphatsa, mme le se ke la ipeola pakeng tsa mahlo ka baka la mofu.

2. Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, mme Jehova o o kgethile hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng hore o tle o be setjhaba sa hae sa sebele.

3. O se ke wa ja ntho tse manyala.

4. Diphoofolo tseo le ka di jang ke tsena: Ke kgomo, nku, le podi,

5. kgama, tshephe, nare, none, letsa, tholo le phuthi.

6. Hara diphoofolo, le ka ja tsohle tse ditlhako di arohaneng, tse dikgola tse pedi, tse thuisang.

7. Empa le se ke la ja tse thuisang feela, leha e le tse ditlhako di arohaneng feela, jwaloka kamele, moutla, le pela; hobane di a thuisa, empa ha di na ditlhako tse arohaneng; tsena ke tse ditshila ho lona;

Deuteronoma 14