Deuteronoma 12:25-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. O se ke wa a ja, o tle o iketle, wena, le bana ba hao kamora hao, ha o ntse o etsa se lokileng pela Jehova.

26. Empa haele dintho tseo o tla rata ho di kgethela Modimo, le tseo o tla di hlahisa hodima dikano tsa hao, o tla di nka, o ye le tsona, nqalong eo Jehova a tla e kgetha.

27. O tla hlahisa ditjheso tsa hao, nama le madi, aletareng ya Jehova, Modimo wa hao; madi a mahlabelo a hao a tla tshollelwa aletareng ya Jehova, Modimo wa hao, mme o tla ja nama ya wona.

28. Ela sedi, o utlwe ditaba tsena tsohle tseo ke o laelang tsona, o tle o iketle kamehla, wena, le bana ba hao kamora hao, ha o ntse o etsa se molemo, se lokileng pela Jehova, Modimo wa hao.

29. Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a fedisa pela hao ditjhaba tseo o yang ho rua naha ya tsona, ha o se o dutse tulong tsa tsona, mme o ahile naheng ya tsona,

30. o iponele, esere mohlomong wa tshawaswa lerabeng ka ho di etsisa ha di se di fedisitswe pela hao, wa batla medimo ya tsona ka ho re: Na ditjhaba tseo di ne di sebeletsa medimo ya tsona jwang? Le nna ke rata ho etsa jwalo.

31. O se ke wa etsa Jehova, Modimo wa hao, jwalo, hobane manyala wohle ao Jehova a a hloileng, ba ditjhaba tseo ba a etseditse medimo ya bona; esita le bara ba bona le baradi ba bona, ba ne ba ba tjhesetsa medimo ya bona.

32. Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.

Deuteronoma 12