14. ke tla nesetsa naha ya lona pula, nakong e tshwanelehang, pula ya tsheola le pula ya hwetla, o tle o kotule koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao.
15. Naheng ya hao ke tla medisa jwang ba mehlape ya hao; mme o tla ja, o kgore.
16. Iponeleng, pelo tsa lona di se ke tsa thetswa, mme le se ke la kgeloha, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela;
17. Iponeleng kgalefo ya Jehova ya le tukela, mme Jehova a kwala mahodimo, hore pula e be siyo, mme lefatshe le se ke la hlola le bea dijo tsa lona, mme lona la timela kapele lefatsheng leo le molemo, leo Jehova a le neang lona.
18. Kenyang ke hona mantswe ana ao ke le bolellang wona ka dipelong tsa lona, le meyeng ya lona, mme le a tlame ho ba pontsho matsohong a lona, mme a be jwaloka meqhaka pakeng tsa mahlo a lona.
19. Le a rute bana ba lona, o bue ka wona ha o dutse tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o robala, leha o tsoha borokong.
20. A ngole le difateng tsa menyako ya ntlo ya hao, le mamating a hao;
21. hore matsatsi a lona, le matsatsi a bana ba lona, a tle a ngatafale lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata lona hore o tla ba nea lona, a be ka ka matsatsi a mahodimo a okametseng lefatshe.
22. Hobane, ekare ha le boloka hantle ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno ho etsa ka tsona, le rata Jehova, Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kaofela, le mo kgomarela,
23. ke moo Jehova a tla falatsa pela lona ditjhaba tseno tsohle, mme le tla rua naha ya ditjhaba tse le fetisang ka bongata le ka matla.
24. Nqalo e nngwe le e nngwe e tla hatwa ke bohato ba maoto a lona, e tla ba ya lona. Meedi ya lona e tla ba ho tloha feelleng ho isa Lebanone, ho tloha nokeng ya Eufrate ho isa Lewatleng la Bophirimela.
25. Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.
26. Bonang, kajeno ke bea hlohonolofatso le thohako pela lona;
27. hlohonolofatso ha le ka utlwa ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona kajeno;
28. thohako ha le sa utlwe ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, mme le kgeloha tsela eo ke le laelang yona kajeno, le latela medimo esele, eo le sa kang la e tseba, le mehla.
29. Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a o kenye lefatsheng leo o yang ho le rua, o tle o bolele hlohonolofatso thabeng ya Gerisime, le thohako thabeng ya Ebale.