4. Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.
5. Moshe eitse ha a le mose o kwana wa Jordane, naheng ya Moabe, a qala ho hlalosetsa Baiseraele molao ona, a re:
6. Jehova, Modimo wa rona, o buile le rona re le Horebe, a re: Le dutse nako e lekaneng thabeng ena.
7. Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.
8. Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.
9. Mohlang oo, ka le bolella, ka re: Ke sitwa ho le jara ke nnotshi.
10. Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.
11. Jehova, Modimo wa bontata lona, a boele a le atise hape ha sekete ho feta kamoo le leng kateng, mme a le hlohonolofatse, jwalokaha a le boleletse.
12. Nka jara jwang ke nnotshi phahlo ya lona, le boima ba lona, le ditseko tsa lona?
13. Ikgetheleng melokong ya lona banna ba bohlale, ba kelello, ba tsejwang, ke tle ke ba bee dihlooho tsa lona.
14. La mphetola, la re: Seo o reng se etswe, se molemo.
15. Yaba ke kgetha dihlooho tsa meloko ya lona, banna ba bohlale, ba tsejwang, ka ba bea dihlooho tsa lona, hore e be balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, le balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome, hape e be bahlahlobi ba meloko ya lona.
16. Mohlang oo, ka laela baahlodi ba lona, ka re: Mamelang ditaba tsa banababo lona, mme le ahlolele ka ho loka motho le ngwanabo, le moditjhaba ya ahileng le lona.
17. Le se ke la ya ka tshobotsi ya motho dikahlolong tsa lona; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tshaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ya Modimo. Ha taba e le teng e le sitang, e tliseng ho nna, ke tle ke e utlwe.
18. Mohlang oo, nkile ka le laela tsohle tseo le neng le tshwanetse ho di etsa.