Deuteronoma 1:18-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Mohlang oo, nkile ka le laela tsohle tseo le neng le tshwanetse ho di etsa.

19. Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.

20. Yaba ke re ho lona: Le fihlile thabeng ya Baamore eo Jehova, Modimo wa rona, a re neang yona.

21. Bonang, Jehova, Modimo wa hao, o beile lefatshe pela hao; nyoloha, o le rue, jwalokaha Jehova, Modimo wa bontatao, a o boleletse. O se ke wa tshaba, mme o se tshohe.

22. La tla ho nna bohle, la re: A re romeng batho, ba re etelle pele, ba ye ho re hlwella lefatshe, ba re tlisetse taba tsa tsela eo re tla nyoloha ka yona, le tsa metse eo re tla fihla ho yona.

23. Ka dumela taba eo, ka kgetha banna ba leshome le metso e mmedi hara lona, e mong lelokong le leng le le leng.

24. Yaba ba tloha, ba nyolohela thabeng, ba fihla kgohlong ya Eshkole, mme ba hlwela naha.

25. Ba nka ditholwana tsa naha eo matsohong a bona, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: E molemo, naha eo Jehova, Modimo wa rona, a re fang yona.

26. La mpa la hana ho nyoloha, la ikgantshetsa taelo ya Jehova, Modimo wa lona;

27. la ngangella ditenteng tsa lona, la re: Ke kahobane Jehova o re hloile a re ntshitseng lefatsheng la Egepeta, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba tle ba re timetse.

28. Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.

Deuteronoma 1