10. Ha re a ka ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, ho ya ka melao ya hae eo a neng a e beile pela rona ka baporofeta, bahlanka ba hae.
11. Baiseraele kaofela ba tlotse molao wa hao, ba kgelohile hore ba se utlwe lentswe la hao, mme thohako le hlapaolo tse ngodilweng molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di wetse hodima rona, hobane re o sitetswe.
12. O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.
13. Jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Moshe, bobe bona kaofela bo re hlahetse jwalo. Leha ho le jwalo, ha re a ka ra nolofatsa sefahleho sa Jehova, Modimo wa rona, ka ho baka makgopong a rona, le ka ho hlokomela nnete ya hao.
14. Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.
15. Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, wena ya ntshitseng setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho le matla, ya iketseditseng lebitso le tumileng le kajeno, re sitilwe, re entse ka bolotsana.
16. Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.
17. Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!
18. Sekeha tsebe, Modimo wa ka, o mamele! Tutuboloha, o tadime dithako tsa rona, le motse o bitswang ka lebitso la hao, hobane leha re bea dikopo tsa rona pela hao, ha re itshepise ka ho loka ha rona, empa e le ka mehauhelo ya hao e meholoholo.
19. Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!
20. Ka re ke sa ntsane ke rapela, ke bolela sebe sa ka le sebe sa setjhaba sa heso sa Iseraele, ke tsholla dithapedisiso tsa ka pela Jehova, Modimo wa ka, bakeng sa thaba e kgethehileng ya Modimo wa ka,
21. ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;
22. a ntsebisa, a bua le nna, a re: Daniele, ke hlahile jwale ho o nea kutlwisiso ya taba tseo.
23. Eitse ha o sa qala ho rapela, lentswe la tswa leo ke tlileng ho o tsebisa lona, hobane o ya ratwang. Ela lentswe hloko, o utlwisise pono.
24. Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.
25. Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.
26. Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.
27. Morena eo o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le nngwe, mme mahareng a veke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo; mme manyala a tshenyo a tla dula tempeleng, ho fihlela bofediso bo laetsweng bo wela hodima mosenyi.