1. Ka selemo sa pele sa ho busa ha Dariuse, mora wa Assueruse, wa lesika la Bamede, ya neng a beilwe morena wa mmuso wa Bakalde,
2. ka selemo se qalang puso ya hae, nna Daniele, ka utlwa ka dibuka hore palo ya dilemo tseo Jehova a neng a di boleletse moporofeta Jeremia, tse neng di tla phetheha, Jerusalema a se a senyehile, ke dilemo tse mashome a supileng.
3. Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.
4. Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,
5. re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.
6. Ha re a ka ra utlwa baporofeta, bahlanka ba hao, ba buileng ka lebitso la hao ho marena a rona, le ho mahosana a rona, le ho bontata rona, le ho setjhaba kaofela sa naha.
7. Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.