1. Ka selemo sa pele sa ho busa ha Dariuse, mora wa Assueruse, wa lesika la Bamede, ya neng a beilwe morena wa mmuso wa Bakalde,
2. ka selemo se qalang puso ya hae, nna Daniele, ka utlwa ka dibuka hore palo ya dilemo tseo Jehova a neng a di boleletse moporofeta Jeremia, tse neng di tla phetheha, Jerusalema a se a senyehile, ke dilemo tse mashome a supileng.
3. Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.
4. Ka etsa thapelo ya ka ho Jehova, Modimo wa ka, ka bolela melato ya rona, ka re: Oho, Morena, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau ho ba o ratang, ba yang ka melao ya hao,
5. re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.
6. Ha re a ka ra utlwa baporofeta, bahlanka ba hao, ba buileng ka lebitso la hao ho marena a rona, le ho mahosana a rona, le ho bontata rona, le ho setjhaba kaofela sa naha.
7. Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.
8. Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.
9. Empa ho Morena, Modimo wa rona, ho na le mohau le tshwarelo, hobane re ikgantsheditse yena.
10. Ha re a ka ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, ho ya ka melao ya hae eo a neng a e beile pela rona ka baporofeta, bahlanka ba hae.
11. Baiseraele kaofela ba tlotse molao wa hao, ba kgelohile hore ba se utlwe lentswe la hao, mme thohako le hlapaolo tse ngodilweng molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di wetse hodima rona, hobane re o sitetswe.
12. O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.