Daniele 8:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ka re ke sa ntse ke e bohile, ka bona phooko e haola ka bophara ba lefatshe, e tswa bophirimela, e sa hate fatshe; phooko eo e ne e na le lenaka le leholo dipakeng tsa mahlo a yona.

6. Ya fihla ho pheleu e dinaka tse pedi eo ke e boneng e eme pela noka, ya itihela hodima yona ka matla a bohale ba yona.

7. Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.

8. Yaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, mme eitse hobane e fihle matleng a yona, lenaka le lelelele la kgoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meya e mene ya lehodimo.

9. Ho le leng la wona, ha mela lenakana, le lelefallang ka nqa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang;

10. la lelefala ho isa makgotleng a lehodimo, la dihela makgotla a mang le dinaledi tse ding fatshe, la di hatakela;

11. la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa.

12. Makgotla a hlolwa ke lona le sehlabelo sa kamehla ka baka la sebe, la lahlela nnete fatshe, la ba la atleha ho tse etswang ke lona.

13. Yaba ke utlwa e mong wa bahalaledi a bua; mohalaledi e mong a araba ya buileng, a re: A makae matsatsi a badilweng ke pono eo bakeng sa sehlabelo sa kamehla, le bakeng sa sebe se senyang? Sehalalelo le makgotla a tla hlolwa, a hatakelwe ho isa kae?

14. A re ho nna: E tla ba dikete tse pedi tse nang le makgolo a mararo a balwang mantsiboya le hosasa, sehalalelo se ntoo hlwekiswa.

Daniele 8