14. A re ho nna: E tla ba dikete tse pedi tse nang le makgolo a mararo a balwang mantsiboya le hosasa, sehalalelo se ntoo hlwekiswa.
15. Mme nna Daniele, ha ke sa ntse ke tadima pono eo, ke ntse ke batla ho e utlwisisa, bonang, ha ema pela ka e mong ya nang le sebopeho sa motho.
16. Ka utlwa lentswe la motho le tloha pakeng tsa mabopo a Ulai, la howeletsa, la re: Gabriele, mo kwaholelle pono.
17. Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.
18. A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.
19. Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.
20. Pheleu eo o e boneng e ena le manaka a le mabedi, ke marena a Bamede le Bapersia;
21. phooko, ke morena wa Bagerike, mme lenaka le lelelele le dipakeng tsa mahlo a yona ke morena wa pele.
22. Lenaka le kgorohileng, leo manaka a mane a medileng sebakeng sa lona, le lekanya hore mebuso e mene e tla tswa setjhabeng seo, empa e ke ke ya eba le matla a sona.
23. Qetellong ya puso ya wona, ha baetsadibe ba se ba tlatsitse tekanyo, ho tla hlaha morena ya sefahleho se thata, ya bohlale ho loha mano;
24. matla a hae a tla eketseha, empa e ke ke ya eba ka matla ao e leng a hae, mme o tla hlahisa ditshenyo tse makatsang, a atlehe, a etse, a timetse dinatla le setjhaba sa bahalaledi.
25. Ka baka la bohlale ba hae, mano a tla atleha matsohong a hae; o tla ikgohomosa pelong ya hae, a senye ba bangata ba dutseng ka kgotso, a tsohele Morena wa marena matla; empa o tla robakwa, e seng ka letsoho la motho.
26. Mme pono ya mantsiboya le ya hosasa e boletsweng, ke nnete; leha ho le jwalo, wena, o kwahele pono eo, hobane e lebisa mehleng e sa leng hole haholo.
27. Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.