Daniele 7:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.

10. Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.

11. Ke ne ke ntse ke tadimile, mme ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse bolelwang ke lenaka, ka bona sebatana se bolawa, mmele wa sona wa fediswa, wa akgelwa mollong, hore o tjheswe.

12. Haele ka dibatana tse ding, tsa amohuwa borena, empa tsa ekeletswa bophelo ho isa mohla nako le motsotso o itseng.

13. Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;

14. a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.

15. Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.

16. Ka itlisa ho e mong wa ba emeng moo, ka mo kopa nnete ya ditaba tseo kaofela; a bua le nna, a ntshenolela tsona,

17. a re: Dibatana tse kgolo tseo tse nne ke marena a mane a tlang ho hlaha lefatsheng.

18. Empa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng ba tla amohela mmuso, ba o rue ka ho sa yeng kae.

19. Yaba ke lakatsa ho tseba nnete bakeng sa sebatana sa bone, se neng se le hosele ho tse ding kaofela, se tshabehang hampe, se nang le meno a tshepe le dinala tsa koporo, se rusollang, se bjabjaretsang, se hatakelang ho siilweng ka maoto a sona,

20. le bakeng sa dinaka tse leshome tse hloohong ya sona, le bakeng sa le leng le hlahileng leo a mang a mararo a wetseng pela lona, e leng lona lenaka le nang le mahlo le molomo o buwang ka boikakaso, le bonahalang ho fetisa a mang.

21. Ka ba ka tadima kamoo lenaka leo le lwantshang bahalaledi kateng, le kamoo le ba hlolang kateng,

22. ho fihlela Moholo wa matsatsi a ba a fihla, mme ho ahlolelwa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, le ho fihla mohla bahalaledi ba amohelang mmuso.

23. A bua, a re: Sebatana sa bone ke mmuso o mong wa bone, o tlang ho ba teng lefatsheng, o tla ba hosele ho mebuso e meng kaofela, mme o tla rusolla lefatshe kaofela, o le hatakele, o le silakanye.

Daniele 7