Daniele 7:23-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. A bua, a re: Sebatana sa bone ke mmuso o mong wa bone, o tlang ho ba teng lefatsheng, o tla ba hosele ho mebuso e meng kaofela, mme o tla rusolla lefatshe kaofela, o le hatakele, o le silakanye.

24. Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tswalwa mmusong oo; e mong o tla hlaha kamora wona, ya hosele ho a pele, mme o tla kokobetsa marena a mararo.

25. O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.

26. Empa kahlolo e tla dula, a be a amohuwe borena, bo tle bo fediswe, bo timetswe ka ho sa yeng kae.

27. Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.

28. Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.

Daniele 7