Daniele 7:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ke ne ke ntse ke tadimile, mme ka baka la dipolelo tsa boikakaso tse bolelwang ke lenaka, ka bona sebatana se bolawa, mmele wa sona wa fediswa, wa akgelwa mollong, hore o tjheswe.

12. Haele ka dibatana tse ding, tsa amohuwa borena, empa tsa ekeletswa bophelo ho isa mohla nako le motsotso o itseng.

13. Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;

14. a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.

15. Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.

16. Ka itlisa ho e mong wa ba emeng moo, ka mo kopa nnete ya ditaba tseo kaofela; a bua le nna, a ntshenolela tsona,

17. a re: Dibatana tse kgolo tseo tse nne ke marena a mane a tlang ho hlaha lefatsheng.

18. Empa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng ba tla amohela mmuso, ba o rue ka ho sa yeng kae.

Daniele 7