6. Yaba mahosana ao le marenana ao a mathela ho morena, a fihla, a re ho yena:
7. Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.
8. Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng.
9. Yaba morena Dariuse o ngola molao oo le taelo eo.
10. Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.
11. Yaba banna bao ba mathela mahong, ba fumana Daniele a rapela, a sebeletsa Modimo wa hae.
12. Ba ya ho morena, ba bua pela hae ka molao o entsweng ke yena morena, ba re: Hleka ha o a ka wa ngola molao wa hore, motho leha e ka ba mang ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, kapa ho motho ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, o tla akgelwa lemeneng la ditau na? Morena a araba, a re: Ke taba e tiileng ka molao wa Bamede le Bapersia, e leng o sa fetoheng.
13. Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.
14. Morena ha a utlwa taba eo, a hlomoha haholo, a rera le pelo ya hae ho namolela Daniele; a nna a leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la dikela.
15. Empa banna bao ba mathela ho morena mahong, ba re ho morena: Morena, tseba hore ka molao wa Bamede le Bapersia, taelo, leha e le molao o beilweng ke morena, ha o na ho fetoha.
16. Yaba Daniele, ka taelo ya morena, o a tliswa, a akgelwa lemeneng la ditau. Morena a bua, a re ho Daniele: Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, o ke o o namolele!