Daniele 6:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.

19. Yaba morena o tsoha e sa le hosasa, a phakisa a ya lemeneng la ditau.

20. Ha a fihla lemeneng, a bitsa Daniele ka lentswe le hlomohileng; morena a bua, a re ho Daniele: Daniele, mohlanka wa Modimo o phelang, Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, na o tsebile ho o namolela ditaung na?

21. Yaba Daniele o re ho morena: Morena, phela ka ho sa yeng kae!

22. Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.

23. Yaba morena o thaba ka ho fetisisa, mme o laela hore Daniele a nyollwe lemeneng. Daniele a nyollwa lemeneng, mme ha ho a ka ha fumanwa le leqebanyana ho yena, hobane a ne a itshepetse Modimo wa hae.

24. Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona.

Daniele 6