Daniele 6:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Dariuse a rata ho bea mmusong marenana a lekgolo le nang le mashome a mabedi,

2. a diswang ke mahosana a mararo ao Daniele e neng e le e nngwe ya wona, e leng ao marenana a tlang ho ikarabela ho wona, morena a tle a se ke a senyehelwa ke letho.

3. Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela.

4. Yaba mahosana le marenana a batla sebaka sa ho qosa Daniele mosebetsing wa mmuso oo a o sebetsang, empa ha a ka a fumana sebaka sa molato, leha e le tlolo, etswe e be e le motho ya tshepehang, mme ho ne ho sa fumanwe tshito ho yena, leha e le bokgopo.

5. Yaba banna bao ba re: Re ke ke ra fumana sebaka leha se le seng sa ho qosa Daniele, haese hobane re ka se fumana bakeng sa molao wa Modimo wa hae.

6. Yaba mahosana ao le marenana ao a mathela ho morena, a fihla, a re ho yena:

7. Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.

8. Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng.

9. Yaba morena Dariuse o ngola molao oo le taelo eo.

Daniele 6