8. Yaba babohlale bohle ba morena ba kena; empa ba sitwa ho bala lengolo leo, leha e le ho kwahollela morena taba tsa lona.
9. Yaba Belshatsare o ferekana haholo, sefahleho sa hae sa fetoha, mme mahosana a hae a tsieleha.
10. Taba tseo tsa morena le tsa mahosana a hae ha di sa dutse jwalo, mofumahadi a kena tlung ya mokete; mofumahadi a bua, a re: Morena, phela ka ho sa feleng! Mehopolo ya hao e se ke ya ferekana, sefahleho sa hao se se ke sa fetoha!