Daniele 5:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba ho tliswa mehope ya kgauta e hapilweng tempeleng, tlung ya Modimo, Jerusalema, mme morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba enwa ka mehope eo.

4. Ba enwa veine, ba ba ba roka medimo ya bona ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe.

5. Ka nako yona eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, mme ya ngola modilong wa lebota, mabapa le kandelare, ka tlung ya morena; morena a bona ntlha ya letsoho ha le ngola.

6. Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.

7. Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.

Daniele 5