16. Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.
17. Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.
18. Morena, Modimo o hodimodimo, o ne o neile Nebukadnesare, ntatao, mmuso, le boholo, le letlotlo, le kganya;
19. ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.
20. Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;
21. a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.
22. Empa wena, mora wa hae, Belshatsare, ha o a ka wa kokobetsa pelo ya hao, leha o tsebile taba tseo kaofela;
23. o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.
24. Ke ka baka leo letsoho leo le rometsweng ke wona ho tla ngola lengolo leno.
25. Hlaku tse ngodilweng ke tsona tsena: Mene, mene, thekel, upharsin.
26. Kwahollo ya dihlaku tseno ke yona ena: Mene (badilwe) ke ho re: Modimo o badile mmuso wa hao, mme o o kgaotse.
27. Thekel (lekantswe): O lekantswe ka sekala, mme ha fumanwa o le tjhatsi.
28. Peres (karolo): Mmuso wa hao o arotswe, mme o neilwe Bamede le Bapersia.
29. Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.
30. Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,
31. mme Dariuse Momede a inkela mmuso, a le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi.