Daniele 4:7-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.

8. Ho feleng, ha hlaha Daniele pela ka, ya reilweng Beltsatsare, e leng lebitso la modimo wa ka, eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; ka mmolella toro, ka re:

9. Beltsatsare, hlooho ya babohlale, erekaha ke tseba hoba moya wa medimo e halalelang o teng ho wena, le hoba ha o kgahlwe ke sephiri leha e ka ba sefe le sefe, o qaqise dipono tseo ke di lorileng, le kwahollo ya tsona.

10. Jwale, dipono tse itlhahisitseng moyeng wa ka, ha ke robetse, ke tsena:

11. Ke ne ke tadima, mme ka bona ho le sefate mahareng a lefatshe, se phahamileng haholoholo; sefate seo se ne se le seholo, se medile ka matla, ntlha ya sona e ne e ama lehodimo, se ne se bonahala le ho ba leng pheletsong ya lefatshe;

12. mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona.

13. Ka ba ka bona diponong tsa hlooho ya ka, ke sa le ditaong tsa ka, ka bona e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong.

14. A howa ka lentswe le phepa, a bolela, a re: Remang sefate, le hlaphole makala a sona; fohlang mahlaku a sona, le hasakanye ditholwana tsa sona, diphoofolo di balehele moriti wa sona, dinonyana tsa lehodimo di tlohe makaleng a sona.

15. Leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le ka a koporo, hara jwang ba naha, mme e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo!

16. Pelo ya hae e se hlole e eba ya motho, a fuwe pelo ya phoofolo, mme ngwaha o fete hodima hae hasupa.

17. Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.

18. Nna, morena Nebukadnesare, ke lorile toro eo, mme wena Beltsatsare, o nnee kwahollo ya yona, etswe ba bohlale kaofela ba mmuso wa ka ba sitwa ho ntsebisa yona; empa wena, o ka tseba, hobane o na le moya wa medimo e halalelang.

19. Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.

Daniele 4