Daniele 4:25-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

26. Ha e le taba e itseng: Ho siuwe kutu ya metso ya sefate, ke ho re, o tla buselletswa borena ba hao, ha o setse o tsebile hoba ya busang o teng lehodimong.

27. Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.

28. Taba tseo kaofela tsa fela tsa hlahela morena Nebukadnesare.

29. Hobane ho fele dikgwedi tse leshome le metso e mmedi, o ne a itsamaela hodima ntlo ya borena Babilona;

30. yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?

31. Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena;

32. o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

33. Ka wona motsotso oo, lentswe leo la phetheha hodima Nebukadnesare; a lelekiswa hara batho, a fula jwang jwaloka kgomo, mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela moriri wa hae o mela jwaloka masiba a ntsu, le dinala tsa hae jwaloka tsa dinonyana.

34. Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!

Daniele 4