Daniele 4:23-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Haele hobane o bone e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong, a re: Remang sefate, le se senye; leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le a koporo, hara jwang ba dinaha, e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo tsa naha, ho fihlela ngwaha ha o feta hasupa hodima yona;

24. kwahollo ya teng ke yona ena, morena, mme ke yona tsuo ya Mookamedi ya phahameng e fihlileng hodima morena, monga ka:

25. O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

26. Ha e le taba e itseng: Ho siuwe kutu ya metso ya sefate, ke ho re, o tla buselletswa borena ba hao, ha o setse o tsebile hoba ya busang o teng lehodimong.

27. Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.

28. Taba tseo kaofela tsa fela tsa hlahela morena Nebukadnesare.

29. Hobane ho fele dikgwedi tse leshome le metso e mmedi, o ne a itsamaela hodima ntlo ya borena Babilona;

30. yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?

31. Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena;

32. o tla lelekwa hara batho, o ahe le diphoofolo tsa naha: o tla fuwa jwang jwaloka kgomo, o bo je, mme ngwaha o tla feta hasupa hodima hao, ho fihlela o ba o tseba hore Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba batho; le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

33. Ka wona motsotso oo, lentswe leo la phetheha hodima Nebukadnesare; a lelekiswa hara batho, a fula jwang jwaloka kgomo, mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela moriri wa hae o mela jwaloka masiba a ntsu, le dinala tsa hae jwaloka tsa dinonyana.

34. Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!

35. Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?

36. Mehleng eo, tsebo ya kgutlela ho nna ka kgutlela kganyeng ya mmuso wa ka, le boholong ba ka, le bokgabaneng ba ka; matona a ka le mahosana a ka a tla ho ntata, ka boela ka bewa boreneng ba ka, ka ekeletswa le boholo bo fetisang.

37. Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.

Daniele 4