Daniele 4:2-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ke fihletse hoba ho ka ba molemo ha ke le tsebisa dipontsho le mehlolo eo Modimo o hodimodimo o e sebeditseng ho nna.

3. Dipontsho tsa wona di kakang! le mehlolo ya wona e matla hakakang! Borena ba wona ke borena bo sa feleng, ho nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng.

4. Nna, Nebukadnesare, ke ne ke phela ka boiketlo ka tlung ya ka, le ka lehlohonolo tlung ya ka ya borena;

5. ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.

6. Ka ba ka laela hore ho tliswe babohlale bohle ba Babilona pela ka, ba tle ba nkwahollele toro eo.

7. Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.

8. Ho feleng, ha hlaha Daniele pela ka, ya reilweng Beltsatsare, e leng lebitso la modimo wa ka, eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; ka mmolella toro, ka re:

9. Beltsatsare, hlooho ya babohlale, erekaha ke tseba hoba moya wa medimo e halalelang o teng ho wena, le hoba ha o kgahlwe ke sephiri leha e ka ba sefe le sefe, o qaqise dipono tseo ke di lorileng, le kwahollo ya tsona.

10. Jwale, dipono tse itlhahisitseng moyeng wa ka, ha ke robetse, ke tsena:

11. Ke ne ke tadima, mme ka bona ho le sefate mahareng a lefatshe, se phahamileng haholoholo; sefate seo se ne se le seholo, se medile ka matla, ntlha ya sona e ne e ama lehodimo, se ne se bonahala le ho ba leng pheletsong ya lefatshe;

12. mahlaku a sona a le matle, ditholwana tsa sona di le ngata, se ena le dijo tsa bohle; diphoofolo tsa naha di ne di etla moriting wa sona, dinonyana tsa lehodimo di ne di haha makaleng a sona, dibopuwa tsohle di ne di bona dijo ho sona.

Daniele 4