Daniele 4:19-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.

20. Morena a ba a bua, a re: Toro le kwahollo ya yona di se ke tsa o ferekanya! Beltsatsare a araba, a re: Morena ka, toro e mpe e lekanye dira tsa hao, kwahollo ya yona e ye ho ba o lwantshang!

21. Sefate seo se seholo, seo o se boneng se medile ka matla, seo ntlha ya sona e amileng lehodimo, se bonahalang lefatsheng lohle,

22. seo mahlaku a sona a leng matle, le ditholwana tsa sona di leng ngata, se nang le ho jewa ke bohle, se etsetsang diphoofolo tsa naha moriti, mme dinonyana tsa lehodimo di hahang makaleng a sona, se lekanya wena, morena, o leng moholo le matla, eo boholo ba hao bo leng boholo haholo, bo bileng bo amang lehodimo, eo mmuso wa hao o namileng ho isa pheletsong ya lefatshe.

23. Haele hobane o bone e mong wa balebedi ba halalelang a theoha lehodimong, a re: Remang sefate, le se senye; leha ho le jwalo, le siye kutu ya metso ya sona mobung, e mpe e holehuwe ka mahlaahlela a tshepe le a koporo, hara jwang ba dinaha, e be e kolobiswe ke phoka ya lehodimo, e arolelwe jwang ba lefatshe le diphoofolo tsa naha, ho fihlela ngwaha ha o feta hasupa hodima yona;

24. kwahollo ya teng ke yona ena, morena, mme ke yona tsuo ya Mookamedi ya phahameng e fihlileng hodima morena, monga ka:

25. O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

26. Ha e le taba e itseng: Ho siuwe kutu ya metso ya sefate, ke ho re, o tla buselletswa borena ba hao, ha o setse o tsebile hoba ya busang o teng lehodimong.

27. Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.

28. Taba tseo kaofela tsa fela tsa hlahela morena Nebukadnesare.

29. Hobane ho fele dikgwedi tse leshome le metso e mmedi, o ne a itsamaela hodima ntlo ya borena Babilona;

30. yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?

Daniele 4