Daniele 4:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nna morena Nebukadnesare, ke ngolla batho bohle, le ditjhaba, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, ke re: Kgotso e ke e le atele!

2. Ke fihletse hoba ho ka ba molemo ha ke le tsebisa dipontsho le mehlolo eo Modimo o hodimodimo o e sebeditseng ho nna.

3. Dipontsho tsa wona di kakang! le mehlolo ya wona e matla hakakang! Borena ba wona ke borena bo sa feleng, ho nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng.

4. Nna, Nebukadnesare, ke ne ke phela ka boiketlo ka tlung ya ka, le ka lehlohonolo tlung ya ka ya borena;

5. ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.

6. Ka ba ka laela hore ho tliswe babohlale bohle ba Babilona pela ka, ba tle ba nkwahollele toro eo.

7. Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.

Daniele 4