Daniele 3:20-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. A laela banna ba makgotla a hae ba fetisang ka matla ho tlama Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, le ho ba akgela seboping sa mollo o bohale.

21. Yaba batho bao ba tlangwa le dihempe tsa bona, le dikojwana tsa bona, le dikobo tsa bona, le diaparo tse ding tsa bona, ba ntoo akgelwa seboping sa mollo o bohale.

22. Mme kahobane taelo ya morena e ne e le thata, le kahobane sebopi se ne se besitswe ka ho fetisisa, batho bao ba akgetseng Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego ba eshwa ke lebatama la mollo.

23. Haele banna bao ba bararo, Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ba wela, ba tlamilwe, seboping sa mollo o bohale.

24. Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo?

25. Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.

26. Yaba Nebukadnesare o atamela pela molomo wa sebopi sa mollo o bohale, a bua, a re: Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, bahlanka ba Modimo o hodimodimo, tswang, le tle mona! Yaba Shadrake, Meshake, le Abede-Nego ba tloha hara mollo.

27. Mme mahosana, le marenana, le babusi, le baeletsi ba morena, ba phutheha, mme ba bona hoba mollo ha o a ka wa eba le matla mmeleng ya bona le hanyenyane, le hoba moriri wa dihlooho tsa bona ha o a ka wa tlaboha, leha e le dikobo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le hoba lephoka la mollo ha le yo ho bona.

28. Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!

29. Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.

30. Ho tloha nakong yona eo, morena a ntshetsa Shadrake le Meshake le Abede-Nego pele boreneng ba naha ya Babilona.

Daniele 3