17. Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.
18. Leha ho se jwalo, o tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, re ke ke ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.
19. Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.
20. A laela banna ba makgotla a hae ba fetisang ka matla ho tlama Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, le ho ba akgela seboping sa mollo o bohale.
21. Yaba batho bao ba tlangwa le dihempe tsa bona, le dikojwana tsa bona, le dikobo tsa bona, le diaparo tse ding tsa bona, ba ntoo akgelwa seboping sa mollo o bohale.
22. Mme kahobane taelo ya morena e ne e le thata, le kahobane sebopi se ne se besitswe ka ho fetisisa, batho bao ba akgetseng Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego ba eshwa ke lebatama la mollo.
23. Haele banna bao ba bararo, Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ba wela, ba tlamilwe, seboping sa mollo o bohale.
24. Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo?
25. Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.
26. Yaba Nebukadnesare o atamela pela molomo wa sebopi sa mollo o bohale, a bua, a re: Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, bahlanka ba Modimo o hodimodimo, tswang, le tle mona! Yaba Shadrake, Meshake, le Abede-Nego ba tloha hara mollo.