1. Morena Nebukadnesare o ne a etse setshwantsho sa kgauta, boemo ba sona e le ditswe tse mashome a tsheletseng, botenya ba sona e le ditswe tse tseletseng; a se emisa lehwatateng la Dura, naheng ya Babilona.
2. Morena Nebukadnesare a romela ho phutha mahosana, le marenana, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo a hae, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi bohle ba dinaha tse kamathoko, hore ba itlhahise moketeng wa ho kgakola setshwantsho se emisitsweng ke morena Nebukadnesare.
3. Yaba ho phutheha mahosana, le marena, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi kaofela ba dinaha tse kamathoko, ho tla kgakolong ya setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng, mme ba ema pela setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
4. Sebohodi sa howa ka lentswe le phepa, sa re: Le a tsebiswa, lona batho, le ditjhaba, le banna ba dipuo tsohle, hore,
5. ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.
6. Mme leha e ka ba mang ya sa kgumameng, a sa rapele, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.
7. Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.
8. Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;
9. ba bua, ba re ho morena Nebukadnesare: Morena, phela ka ho sa yeng kae!
10. Morena, o beile taelo ya hore e mong le e mong ya utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, a kgumame, mme a rapele setshwantsho sa kgauta; wa re,
11. leha e ka ba mang ya sa tlong ho kgumama a rapela, o tla akgelwa seboping sa mollo o bohale.
12. Jwale, ho na le banna ba Bajuda, bao o ba beileng ho busa dinaha tse ka mathoko, boShadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ha ba re letho ka wena, morena, ha ba sebeletse medimo ya hao, ha ba kgumame pela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.