8. Morena a araba, a re: Ke lemoha kannete hoba le batla ho ekeletswa nako, kahobane le bona ha taba eo e mphonyohetse.
9. Ekare ha le sa ntsebise toro, le tla ahlolwa ka kahlolo e le nngwe; etswe le lokisitse polelo ya leshano le ya bolotsana ho tla e bolela pela ka, ho be ho fetohe nako; mpolelleng toro, ke hona ke tla kgolwa hoba le ka tseba ho nnea le kwahollo ya yona.
10. Bakalde ba araba morena, ba re: Ha ho motho lefatsheng ya ka tsebang ho hlahisa se kopuwang ke morena, le hona ha ho morena leha e le e moholo, ya matla, ya kileng a batla ntho e jwalo ho mo bohlale, leha e le ho senohe, kapa ho Mokalde le ka mohla o le mong.
11. Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.
12. Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe.
13. Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya.
14. Yaba Daniele o bua ka bohlale le ka kutlwisiso le Arioke, hlooho ya bahlabani ba morena, ya neng a tswile ho bolaya babohlale ba Babilona,
15. a re ho Arioke, tona ya morena: Na taelo ya morena e thata keng hakalo? Arioke a tsebisa Daniele kamoo taba di leng kateng.
16. Daniele a kena, mme a rapela morena hore a mo fe sebaka, a tle a neele morena kwahollo.
17. Yaba Daniele o ya tlung ya hae, a tsebisa Hanania le Mishaele le Asaria, balekane ba hae, kamoo taba di dutseng kateng,
18. le kamoo e ka kgonang ba rapele kateng, ho kopa mohau wa Modimo wa lehodimo bakeng sa sephiri seo, hore Daniele le balekane ba hae ba tle ba se ke ba fediswa le ba bohlale ba bang ba Babilona.
19. Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.
20. Daniele a re: Ho bokwe lebitso la Modimo kamehla le mehla, hobane efela o na le bohlale le matla!
21. Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.