Daniele 2:36-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Toro ke yona eo; jwale, kwahollo ya yona re tla e hlahisa pela morena.

37. Morena, ke wena morena wa marena, ya neilweng mmuso, borena, matla le kganya ke Modimo wa lehodimo;

38. hohle moo bana ba batho, le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, di ikahetseng teng, o di beile matsohong a hao, o o entse morena wa tsona tsohle; hlooho ya kgauta ke wena.

39. Kamora hao, ho tla hlaha mmuso o mong, o monyenyane ho wa hao, ho ntoo ba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle.

40. Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo.

41. Haele ka seo o se boneng, hoba maoto le menwana ya sona ka nqa e nngwe e le letsopa la mmopi wa dipitsa, ka nqa e nngwe e le tshepe, ke hobane mmuso oo e tla ba mmuso o arohileng; empa ho wona ho tla ba ho kang matla a tshepe, hobane o bone tshepe e kopantsweng le letsopa.

42. Haele menwana ya maoto eo e neng e le ya tshepe ka nqa e nngwe, mme ka nqa e nngwe e le ya letsopa, ke hobane mmuso oo o tla ba matla ka nqa e nngwe, ka nqa e nngwe e be o pshatlehang.

43. Seo o se boneng, ha tshepe e ne e kopane le letsopa, ke hobane ba tla nyalana ba kopantse meloko ya batho, empa ba ke ke ba momahana, jwaloka tshepe ha e sa momahane le letsopa.

44. Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;

Daniele 2