Daniele 2:27-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.

28. Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:

29. O sa robetse, morena, o ne o hlahelwe ke mehopolo ya tse tla etsahala mehleng ya morao; ya senolang diphiri o o tsebisitse tse tlang ho tla.

30. Ha e le ka nna, hase ka bohlale boo ke fetisang ba utlwang kaofela ka bona, ha ke senoletswe sephiri sena, empa e le hore morena a se kwahollelwe, le hore o utlwisise mehopolo ya pelo ya hao.

31. Morena, o ne o tadima, mme hang, ha hlaha setshwantsho se seholohadi; setshwantsho seo se ne se fetisisa ka boholo, se phatsima ka mokgwa o makatsang; se ne se eme pela hao, ponahalo ya sona e ne e tshabeha.

32. Hlooho ya setshwantsho seo e ne e le ya kgauta e tshekehileng, sefuba le matsoho a sona e le a silefera, mpa le matheka a sona e le a koporo, meomo e le ya tshepe,

33. maoto ka nqa e nngwe e le a tshepe, ka nqa e nngwe e le a letsopa.

34. Ha o ntse o tadima, wa bona lejwe le kgephohang e seng ka matsoho a motho, la thesela setshwantsho maotong a sona a tshepe le letsopa, la a robaka.

35. Yaba tshepe, le letsopa, le koporo, le silefera, le kgauta, di robakwa hang, tsa eba jwaloka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkwa ke moya, mme nqalo ya tsona ha e a ka ya hlola e fumanwa; lejwe le neng le thesetse setshwantsho, la fetoha thaba e kgolo, la tlala lefatshe lohle.

36. Toro ke yona eo; jwale, kwahollo ya yona re tla e hlahisa pela morena.

37. Morena, ke wena morena wa marena, ya neilweng mmuso, borena, matla le kganya ke Modimo wa lehodimo;

38. hohle moo bana ba batho, le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, di ikahetseng teng, o di beile matsohong a hao, o o entse morena wa tsona tsohle; hlooho ya kgauta ke wena.

39. Kamora hao, ho tla hlaha mmuso o mong, o monyenyane ho wa hao, ho ntoo ba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle.

40. Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo.

Daniele 2