Daniele 2:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.

22. O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.

23. Modimo wa bontate, ke a o leboha, ke a o rorisa, hobane o mphile bohlale le matla, le hobane o ntshenoletse seo re se kopileng ho wena, ha o fedile wa re senolela taba eo ya morena.

24. Yaba Daniele o kena ho Arioke eo morena a mo neileng taelo ya ho bolaya babohlale ba Babilona; a fihla, a re ho yena: O se ke wa timetsa babohlale ba Babilona, o mpe o nkise pela morena, mme ke tla tsebisa morena kwahollo ya toro.

25. Yaba Arioke o phakisa ho isa Daniele pela morena, a re ho yena: Ke fumane motho hara batshwaruwa ba Juda, ya tlang ho tsebisa morena kwahollo ya toro.

26. Morena a bua, a re ho Daniele ya neng a reilwe lebitso la Beltsatsare: Na o ka tseba ho mpolella toro eo ke e lorileng le kwahollo ya yona na?

27. Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.

28. Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:

29. O sa robetse, morena, o ne o hlahelwe ke mehopolo ya tse tla etsahala mehleng ya morao; ya senolang diphiri o o tsebisitse tse tlang ho tla.

30. Ha e le ka nna, hase ka bohlale boo ke fetisang ba utlwang kaofela ka bona, ha ke senoletswe sephiri sena, empa e le hore morena a se kwahollelwe, le hore o utlwisise mehopolo ya pelo ya hao.

31. Morena, o ne o tadima, mme hang, ha hlaha setshwantsho se seholohadi; setshwantsho seo se ne se fetisisa ka boholo, se phatsima ka mokgwa o makatsang; se ne se eme pela hao, ponahalo ya sona e ne e tshabeha.

Daniele 2