Daniele 2:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.

3. Morena a re ho bona: Ke lorile, mme moya wa ka o tjhobela ho tseba toro eo.

4. Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.

5. Morena a araba, a re ho Bakalde: Taba eo e se e mphonyohetse. Ha le sa ntsebise toro le kwahollo ya yona, le tla pongwa dikoto, matlo a lona a etswe qubu ya moitedi.

6. Empa ha le ka ntekanyetsa toro le kwahollo ya yona, le tla bona dimpho le meputso le hlompho e fetisisang ho nna; hlong le ntekanyetse toro le kwahollo ya yona.

7. Ba boela ba araba, ba re: Morena a ke a bolelle bahlanka ba hae toro, mme re tla ntsha kwahollo ya yona.

8. Morena a araba, a re: Ke lemoha kannete hoba le batla ho ekeletswa nako, kahobane le bona ha taba eo e mphonyohetse.

9. Ekare ha le sa ntsebise toro, le tla ahlolwa ka kahlolo e le nngwe; etswe le lokisitse polelo ya leshano le ya bolotsana ho tla e bolela pela ka, ho be ho fetohe nako; mpolelleng toro, ke hona ke tla kgolwa hoba le ka tseba ho nnea le kwahollo ya yona.

10. Bakalde ba araba morena, ba re: Ha ho motho lefatsheng ya ka tsebang ho hlahisa se kopuwang ke morena, le hona ha ho morena leha e le e moholo, ya matla, ya kileng a batla ntho e jwalo ho mo bohlale, leha e le ho senohe, kapa ho Mokalde le ka mohla o le mong.

11. Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.

12. Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe.

13. Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya.

Daniele 2