Daniele 2:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.

2. Yaba morena o laela hore ba bohlale, le dinohe, le baupelli, le Bakalde ba bitswe, ba tle ba kwahollele morena ditoro tsa hae; ba tla, ba itlhahisa pela morena.

3. Morena a re ho bona: Ke lorile, mme moya wa ka o tjhobela ho tseba toro eo.

4. Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.

Daniele 2