6. E mong a re ho motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka: Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha?
7. Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.
8. Ka utlwa, ke mpa ke sa utlwisise, mme ka re: Morena ka, taba tseo di ya fella kae?
9. A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo.
10. Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa.
11. Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong.
12. Ho lehlohonolo ya lebelang, mme a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano.
13. Empa wena, o ikele bofelong ba hao, hobane o tla phomola, mme o tla tsohela lefa la hao qetellong ya matsatsi.