Daniele 12:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng.

2. Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.

3. Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.

Daniele 12