Daniele 11:8-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.

9. Empa enwa o tla futuha ho ya lwantsha morena wa Borwa, a ntoo kgutlela naheng ya hae.

10. Empa bana ba hae ba tla qala ntwa, ba bokelle makgotla a mangatangata; e mong o tla futuha, a tlale hohle, a kgaphatsehe, a ntoo boya; o tla tiisa ho patela qhobosheane ya hae.

Daniele 11