Daniele 11:34-43 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Empa leha ba ka wa, ba tla bona thuso e se ekae, mme ba bangata ba tla ikopanya le bona ka boikaketsi.

35. Hara ba hlalefileng ho tla wa ba bang, hore ba lekwe, ba hlatsuwe, ba sweufatswe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le yona taba eo e beetswe nako e beilweng.

36. Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.

37. A ke ke a hlokomela medimo ya bontatae, leha e le modimo o thabelwang ke basadi, mme a ke ke a re letho ka modimo ofe le ofe, empa o tla ikgohomosetsa yona kaofela;

38. leha ho le jwalo, o tla hlompha modimo wa diqhobosheane nqalong ya wona; modimo o sa kang wa tsejwa ke bontatae, a o hlomphe ka dikgauta le disilifera, ka majwe a bohlokwa le ka dikgabiso tse ding.

39. Ke ka modimo osele a tla futuhela diqhobosheane tse thata; ba o rapelang o tla ba hlonepha ka hlompho e kgolo, a ba bee ho busa ba bangata, a ba abele dinaha, e be moputso wa bona.

40. Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.

41. O tla tla le naheng e kgahlehang, mme ho tla wa ba le bangata, empa ho tla phonyoha matsohong a hae Baedomo, le Bamoabe, le ba baholo ho bana ba Ammone.

42. O tla isa letsoho la hae dinaheng tse ngata, le yona naha ya Egepeta e ke ke ya phonyoha.

43. O tla ikgapela maruo a dikgauta le a disilefera, le a tsohle tse lakatsehang tseo Egepeta a nang le tsona; Balibia le Baethiopia ba tla latela mehlala ya hae.

Daniele 11