17. O tla phehella ho futuha ka matla wohle a mmuso wa hae, mme o tla etsa selekane le morena wa Borwa, a tle a timetse mmuso wa hae; o tla mo nea moradi wa hae ho ba mosadi wa hae, a tle a mo timetse; empa taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya mo thusa letho.
18. O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena.
19. A ntoo lebisa mahlo a hae nqa diqhobosheaneng tsa naha ya hae, mme o tla thekesela, a we, a se ke a hlola a fumanwa.
20. Mme tulong tsa hae ho tla dula e mong, ya tlang ho roma molefisi, a qete naha e leng hlophiso ya mmuso, empa o tla fela ka ditshiu di se kae; e ke ke ya eba ka kgalefo, leha e le ka ntwa.
21. Mme ho tla tsoha e mong tulong tsa hae, ya nyatsehang, ya sa lokelweng ke ho bewa morena, mme o tla itlhahisa ka kgotso, a ikgapele borena ka mano.
22. Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.
23. Hobane a ke ke a re letho ka selekane; o tla sebetsa ka mano, o tla futuha, a hlole ka batho ba se bakae.
24. O tla kena nakong ya kgotso karolong tsa naha tse fetisang ka monono, mme o tla etsa se sa kang sa etswa ke bontatae le ke bontatae moholo; o tla arola kgapo le thepa le maruo, a rere ho heletsa diqhobosheane, a etse hoo ho isa nakong e beilweng.
25. Mme o tla ipha matla, a tiye pelo ho futuhela morena wa Borwa ka makgotla a mangata, mme morena wa Borwa o tla futuha ka makgotla a maholo a fetisang ka matla, empa a ke ke a tiya, hobane ba tla loha mano ho mo senya.
26. Ba jang dijo tsa hae tse lakatsehang ba tla mo diha, makgotla a hae a tla qhalana, mme ba tla bolawa ba le bangata.
27. Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele.
28. Mme o tla kgutlela naheng ya hae ka maruo a maholo; pelo ya hae e tla hloya selekane se halalelang, mme o tla se lwantsha, a be a kgutlele naheng ya hae.
29. Ka nako e beilweng, o tla boela a futuhele morena wa Borwa, mme taba tsa qetello di ke ke tsa tshwana le tsa ho qala.
30. Hobane dikepe tsa Kittime di tla tla ho mo lwantsha, mme o tla fellwa ke pelo, a kgutlele morao. O tla halefela selekane se halalelang, o tla se lwantsha, a boele a kopanye puo le ba kwenehetseng selekane se halalelang.
31. Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.
32. Ka diqeko tsa hae o tla hulela ba tlolang selekane bokwenehing; empa setjhaba sa ba tsebang Modimo wa bona se tla tiya, se sebetse;
33. ba hlalefileng ba hara setjhaba ba tla ruta ba bangata; empa ba bang ba tla fediswa ke lerumo, le ke malakabe, le ke kgoleho, le ke tlatlapo ka matsatsi a mang.