Daniele 11:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Mme makgotla a hae a tla ikakasa, pelo ya hae e ikgohomose hampe, mme o tla diha mashome a dikete; leha ho le jwalo, a ke ke a hlola.

13. Hobane morena wa Leboya o tla boela a bokelle makgotla a mangata, a fetisang a pele, mme ha ho fetile dilemo tse ding, o tla tla, a fihle ka makgotla a maholo le ka phahlo e ngata.

14. Mehleng eo, ba bangata ba tla tsohela morena wa Borwa matla, mme bahale ba setjhaba sa hao ba tla ikgantsha, ba tle ba phethe pono eo, empa ba tla wa.

15. Mme morena wa Leboya o tla tla, a hahe marako a phahamileng, a ikgapele motse o qhobosheane, mme makgotla a Borwa a ke ke a ema, le mokgetho wa wona o ke ke wa eba le matla a ho tiya.

16. Ya neng a futuha ho mo lwantsha o tla etsa kamoo a ratang kateng, mme ha ho motho ya tla tiya pela hae; o tla ema naheng e kgahlehang, mme tshenyo e tla ba teng letsohong la hae.

17. O tla phehella ho futuha ka matla wohle a mmuso wa hae, mme o tla etsa selekane le morena wa Borwa, a tle a timetse mmuso wa hae; o tla mo nea moradi wa hae ho ba mosadi wa hae, a tle a mo timetse; empa taba eo e ke ke ya etsahala, e ke ke ya mo thusa letho.

18. O tla lebisa mahlo a hae nqa dihlekehlekeng, mme o tla ikgapela tse ngata ho tsona; empa morena e mong o tla kokobetsa nyefolo ya hae, a busetse dinyefolo tsa hae ho yena.

19. A ntoo lebisa mahlo a hae nqa diqhobosheaneng tsa naha ya hae, mme o tla thekesela, a we, a se ke a hlola a fumanwa.

20. Mme tulong tsa hae ho tla dula e mong, ya tlang ho roma molefisi, a qete naha e leng hlophiso ya mmuso, empa o tla fela ka ditshiu di se kae; e ke ke ya eba ka kgalefo, leha e le ka ntwa.

21. Mme ho tla tsoha e mong tulong tsa hae, ya nyatsehang, ya sa lokelweng ke ho bewa morena, mme o tla itlhahisa ka kgotso, a ikgapele borena ka mano.

22. Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.

23. Hobane a ke ke a re letho ka selekane; o tla sebetsa ka mano, o tla futuha, a hlole ka batho ba se bakae.

Daniele 11